Scaricare il libro The Napoleonic Wars

Ho Phela
Hantle le
HIV
Bokhachane le
Ho Rera Lelapa
Nka thibela bokhachane le mafu a likobo joang?
Bukana ee ke ea mang?
Bukana ena e fana ka litaba tsa mantlha mabapi le ho rera lelapa, ho qoba
le ho thibela mafu a likobo ho batho ba phelang le tšoaetso ea HIV. E
boetse e beha leseling bo-‘m’e ba phelang le tšoaetso ea HIV hore nab a
ka fokotsa menyatala ea ho fetisetsa kokoana-hloko ea HIV ho tloha ho
‘m’e ho ea ho lesea, ekaba nakong ea bokhachane kapa kamor’a tlhaho
ea lesea.
Ho lula u phetse hantle ho bolela eng?
Hobane’ng ke lokela ho tsotella?
Ho lula u phetse hantle ho bolela ho hlokomela bophelo ba hau le ‘mele
oa hau ha u phela le HIV. Motho ea phelang le HIV a ka ba le bophelo bo
botle bo bolelele, a phela bophelo bo tloaelehileng, ebile bo atlehile ha a
lula itlhokometse a ikamohetse.
Bukana ena e entsoe ka tšehetso ke mokhato Johns Hopkins University Center for Communication
Programs (JHU-CCP) ka tlasa leano la LETLAMA le tšehelitsoeng ka lithuso ke USAID. Litaba tsa
bukana ena li ngotsoe ho ipapisitsoe le tse tšoanang le tsona tsa Positive Living Profile Tool for
Community Support Agents tsa lekala la bophela la naha ea Republic of Uganda. Litšoantšo tsohle li
entsoe ke Mango Tree.
Thobalano e sa sireletsehang e atisa mafu a likobo hokenyeletsa le HIV.
Sebelisa li-condom ka nako eohle ka nepo ha u etsa thobalano ele ho
thibela mafu a likobo le bokhachane bo sa reroang.
Bokhachane bo sa reroang bo ka beha bophelo ba hau kotsing. Haeba u so
rere ho ba le ngoana, ho sebelisa li-condom ‘moho le mofuta o mong oa
thero ea malapa ho ka thibela bokhachane bo sa reroang le mafu a likobo.
Etela mosebeletsi oa tsa bophelo hang ha u nahana hore u imme kapa
u na le mafu a likobo.
SEBELISA KHOHLOPO NAKO
EOHLE HA U ETSA THOBALANO
HO THIBELA BOKHACHANE
BO SA REROANG LE MAFU A
LIKOBO.
page
1
Hobane’ng ho le bohlokoa ho sebelisa mefuta e
‘meli ea tšireletso?
Condom ea banna
Lipilisi tsa thero ea malapa
Hobane’ng ho le bohlokoa ho rera bokhachane?
Condom ea basali
Ente
Sekhoqetsane
page
page
2
3
Lithutsoana
Ho fasa mothapo oa pelehi
Ho poma mothapo oa peo
Ho bohlokoa ho nahana hantle ka ngoana pele u ka ima. Ho ima ho ka tlisa
khatello ea maikutlo ‘meleng oa ‘m’e.
Mefuta e ‘meli ea tšireletso ke ha u sebelisa mofuta o mong oa thero ea
malapa le li-condom ho thibela mafu a likobo le bokhachane. Mefuta ea
thero ea malapa e kenyeletsa
ea nako e khutšoane (lipilisi
SEBELISA MEFUTA E ‘MELI EA
le ente), oa nako e telele
TŠIRELETSO HO QOBA BOKHACHANE
(Sekhoqetsane, lithutsoana)
BO SA REROANG LE MAFU A LIKOBO.
le oa bophelo bohle (ho fasa
ETELA MOSEBELETSI OA TSA
methapa ea pelehi le ho poma
mothapo o tsamaisang peo
BOPHELO HO ITHUTA KA TSA THERO
ea bonna).
EA MALAPA.
Mosali ea nang le tšoaetso ea HIV a ka fetisetsa HIV ho lesea nakong eo a
immeng, a belehang le ha a anyesa. Sena se bitsoa phetisetso ea HIV ho
tloha ho ‘m’a ho ea ho lesea. Ho na le meriana e teng ho thusa ho fokotsa
sekhahla sa ho fetisetsa HIV leseeng.
HO BOHLOKOA HO BONA
MOSEBELETSI OA TSA
BOPHELO HANG HA U NAHANA
HORE U IMME KAPA U BATLA
HO IMA.
Uena le molekane oa hau le
tlameha ho nka boikarabelo ba ho
fokotsa menyetla e ka etsang hore
tšoaetso e fetele leseeng. Haeba u
rera ho ba le lesea, ho bohlokoa ho
uena le molekane oa hau ho buisana
le mosebeletsi oa tsa bophelo ka
menyetla e teng sebakeng sa hau.
Nka fokotsa sekhahla sa ho fetisetsa HIV ho
lesea laka ha ke le mokhachane joang?
Nka fokotsa menyetla ea ho fetisetsa HIV ho
lesea kamor’a tlhaho joang?
page
page
4
5
Basali bohle ba bakhachane ba phelang le tšoaetsob ea HIV ba
tšoanetse ho sebelisa li-ARV. Lesotho litlhare tsena li fuoa basali bohle
ba bakhachane mahala.
Ha u fumana hore u imme, etela setsi sa bophelo sebakeng sa ho fumana
litšebeletso tsa bakhachane ka potlako. Basebeletsi ba tsa bopelo ba tla
etsa kamatla ho bona hore uena le
lesea la hau le phetse hantle.
Pepela setsing sa bophelo.
Basebeletsi ba tsa bophelo ba tseba
ho pepisa ka tsela e fokotsang
menyetla ea phetisetso ea HIV ho
tloha ho ‘m’a ho ea ho lesea. Lesea
le tla hloka meriana kamor’a tlhaho.
HA U IMA, U HLOKA HO
ETELA SETSI SA BOPHELO
HO FUMANA LITŠEBELETSO
TSA BAKHACHANE LE LI-ARV.
Le kamor’a tlhaho ea lesea, u tlameha ho tsoelapele ho sebelisa liARV. U tla lokela ho sebelisa li-ARV bophelo bohle ba hau. Ha u lebala ho
li noa, kokoana-hloko e ‘meleng oa hau e tla eketseha hape u ka e fetisetsa
leseeng ha u anyesa.
Ngoana oa hau o tla lokela ho noa moriana o bitsoang NVP letsatsi le leng
le leng nakong ea libeke tse tšeletseng kamor’a tlhaho. Ha u ka lebala ho
fa ngoana oa hau NVP ha’ngoe, ngoana o monyetleng oa ho fumana HIV.
KAMOR’A TLHAHO EA LESEA,
U TLAMEHA HO TSOELAPELE
HO SEBELISA LI-ARV TSA HAU,
NYANTŠA U BE U ISE LESEA
LA HAU TLHAHLOBONG EA HIV
KHAFETSA.
Leha u etsa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe
ka tsela e nepahetseng, ngoana
oa hau a kanna a ba kotsing ea ho
fumana HIV. Ho bohlokoa ho isa
lesea tlhahlobong ea HIV ha le
le libeke tse 6, tse 14 leha a na
le likhoeli tse 9 kapa ha a kula.
Mantsoe a bohlokoa:
Malebela a ho lula u phetse hantle
AIDS: Ke lefu le bang teng ha HIV e bolaile masole a ‘mele (CD4) a hau
kaofela ‘me ‘mele o se o sa tsebe ho loantša mafu.
CD4 Count: Ke teko e bontšang hore na sesole sa hau sa ‘mele se
matla hakae. Ha CD4 ea hau e phahame sesole sa ‘mele se ba le matla.
CD4: Ke masole sa ‘mele.
HIV: Ke kokoana-hloko e bakang AIDS.
Letsoele la ‘m’a feela: Ke ho anyesa lesea feela u sa le fe lijo tse ling
leha ele metsi nako ea likhoeli tse tšeletseng ho tloha mohla lesea le
hlahileng.
Noa metsi a hloekileng
E ea ngakeng khafetsa u
fumane litlhare
Fumana phepo e
nepahetseng
Lula u le mafolofolo
Li-ARV: Ke mefuta e fapaneng ea litlhare e kokobetsang bohale ba
kokoana-hloko ea HIV ka ho sireletsa sesole sa hau ha ‘mele.
page
6
Mafu a likobo: Ke mafu a fetisetsanoang ka thobalano.
NVP (Nevarapine): Ke litlhare tse fuoang lesea ha ‘m’a a e-na le
tšoaetso ea HIV hang ka mor’a hore lesea le hlahe.
PMTCT: Thibelo ea phetisetso ea HIV ho tloha ho ‘m’a ho ea ho lesea.
Hlapa Matsoho ho tebela Fumana nako e lekaneng
ea ho phomola
letšollo le mafu a mang
Tšepahalla litlhare tse u li fuoeng
ngakeng
Qoba koae, lithethefatsi le tai
Thero ea malapa: Litšebeletso tse u thusang hore na bana ba fetane
ka nako e kae (JOANG: U ka khetha mofuta o mong le o mong. KAE
le NENG: U batla bana ba ba kae) le ho thibela mafu a likobo ho
kenyeletsa le HIV.
Tšebeliso ea mefuta e ‘meli ea tšireletso: Ke ho sebelisa ho feta
mofuta o le mong oa thero ea malapa ka nako e le ‘ngoe ka ho sebelisa
condom le mofuta o mong oa thero ea malapa ho thibela mafu a
likobo le bokhachane.
Nka fumana litaba/litlhalosetso tse ling hokae?
Litsing tsohle tsa bophelo tsa ‘muso, tsa likereke le tse ikemetseng.
---------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------------
E ea tlhabollong ha u lokela ho ea
Etsa thobalano e sireletsehileng
kena mokhatlo oa tšehetso
HOPOLA: MOTHO EA NANG LE TŠOAETSO EA HIV A KA PHELA
BOPHELO BO TLOAELEHILENG, BO ATLEHILENG EBILE BO
MATLAFETSE HAFEELA A IKAMOHETSE A LULA A PHETSE
HANTLE.