Sotho - Heart and Stroke Foundation South Africa

Sebedisa dijo tse letswai kgafetsa
hanyenyane
Kamoo o ka nokang letswai le lenyenyane dijong
1. Mohato o le mong ka nako
Haeba o noka letswai dijong ha o dutse tafoleng, kgaotsa
tlwaelo ena pele. O se behe setshelo sa letswai tafoleng
ya dijo.
Qala ho sebedisa letswai le lenyenyane ha o pheha dijo.
Butle butle fokotsa letswai leo o le jang .
dijong.
Letswai
le bophelo ba hao
bo botl
2. Maele a ho pheha ka letswai le
lenyenyane
Utlwa tatso ya dijo tsa hao ha o ntse o pheha pele o
tshela letswai le leng, ka hobane ho ka etsahala hore ha
ho hlokehe hore o le tshele.
Haeba o se o nokile dinoko tse letswai kapa o kentse cube ya stock, ha ho hlokehe hore o tshele letswai hape.
Haeba o se o nokile letswai nakong eo o neng o pheha ha
ho hlokehe hore o noke letswai le leng tafoleng
Ho etsa hore dijo tsa hao di latswehe hamonate leka ditlama
tsena le dinoko tse se nang letswai ho e na le ho sebedisa
letswai:
Jusi ya lamunu kapa asene
Na letswai le lengata haholo le lebe
bakeng sa ka?
Ke letswai le le kae le lengata haholo?
Ke fumana letswai hokae?
Na ke ja letswai le lengata haholo?
Ditlama tse jwaloka Italian herbs mix, parsely kapa rosemary
Dinoko tse jwaloka curry powder, paprika kapa pepere
Sodiamo ke eng?
Konofolo, gemere, chili le dieie
Ha wena le lelapa la hao le sebedisa letswai le lenyenyane,
le etsa qeto ya ho dula le phetse hantle haholo. O se tele,
tswela pele o leka letsatsi le leng le le leng!
Salt Watch o e tlisetswa ke
Heart and Stroke Foundation South Africa.
Etela:
www.saltwatch.co.za
www.heartfoundation.co.za
Letsetsa: Heart and Stroke Health Line on
08601 HEART (43278)
Romela imeile ho:
[email protected]
Ke kgetha jwang dijo tse nang letswai le
lenyenyane?
Nka noka hape jwang letswai le lenyenyane dijo?
Ke fumana letswai ho kae?
Letswai le lengata haholo le lebe
bakeng sa hao
Mmele wa hao o hloka tekanyo e nyenyane feela ya
letswai hore o dule o phetse hantle.
Ho ja letswai le lengata haholo ho feta leo o le hlokang ho
ka ba hobe bakeng sa bophelo bo botle kaha ho eketsa
kgatello ya hao ya madi.
Kgatello e phahameng ya madi e ka baka lefu la pelo le
disetrouku.
Kgatello e phahameng ya madi le lefu la pelo le hola ka
mora dilemo tse ngata.
Batho ba bangata ha ba tsebe hore ba na le kgatello e
phahameng ya madi ka hobane ha ho kgonehe hore
motho a utlwe hore o na le yona.
Kgatello ya hao ya madi e tshwanetse ho hlahlojwa
selemo le selemo
O ka boloka mmele wa hao o phetse hantle ka ho sebedisa letswai le fokolang kajeno.
Ke letswai le le kae le lengata
haholo?
O se je ho feta 5 g ya letswai letsatsi ka leng.
5 g e lekana le thispuni e le nngwe ya letswai.
5 g ena e kenyeletsa letswai leo o le
nokang dijong tsa hao hammoho
le letswai le seng le ntse le
nokilwe dijong.
Dijo tse ngata tseo o di rekang di se di ntse di nokilwe ka
letswai mme hona ho bitswa letswai le patehileng.
Hangata dijo tsena ha di bonahale kapa ho latsweha di na
le letswai.
Mehlala ya dijo tse nang le letswai le patehileng e kenyeletsa
Bohobe le disirele tsa dijo tsa hoseng
Disoseji le dinama tse ileng tsa phehwa e le hore
di se senyehe kapele
Stock, diphoshwana tsa sopo le mero
Majarini a thata a sebopeho sa setene.
Lethathama le ka morao le bontsha dijo tse ding tse nang
le letswai le lengata.
Re noka letswai le lengata dijong tsa rona ha re pheha le
ha re ja tafoleng.
Na ke ja letswai le lengata haholo?
Maafrika Borwa a mangata a ja letswai le lengata haholo.
Ha e le hantle re ja letswai le fetang ka makgetlo a mabedi
tekanyo eo re tshwanetseng ho e ja!
Ho ka etsahala ha bonolo haholo ho ja letswai le lengata
haholo nakong eo re jang dijo tse tlwaelehileng tsa letsatsi
le leng le le leng.
Halofo ya letswai leo re le jang ke le nokilweng ke baetsi ba
dijo nakong eo ba neng ba hlophisa dijo.
Halofo e nngwe ya letswai leo re le jang ke leo re le
nokang nakong eo dijo di phehwang ka yona le letswai leo
re le nokang dijong nakong eo re jang tafoleng.
sodiamo keng?
Kamoo nka kgethang dijo tse nang le
letswai le le nyenyane
1. Ithute hore na ke letswai le le kae le dijong
Sheba lenaneng la metswako mantswe ana:
Letswai kapa motswako ofe kapa ofe e nang le lentswe
"sodiamo"
MSG, soda ya ho baka kapa phoshwana ya ho baka
Haeba lentswe lefe kapa lefe mantsweng ana le ngotswe metswakong e 3 ya pele leiboleng ya dijo, ho na le kgonahalo ya hore dijo
tseo di na le letswai le phahameng.
Lethathamo la Tlhahisoleseding la Dijo dipaketeng tsa dijo tse
itseng le lona le re bolella hore na ho na le sodiamo e kae dijong
tseo.
Sebedisa lethathamo le bonolo le ka tlase ho o thusa ho bapisa
hore na ke sodiamo e kae ho 100 g ya dijo tse fapaneng:
Lethathamo la Tlhahisoleseding la Dijo
100 g
ka
nngwe
Letswai le
tlase
e ja kgafetsa
haholo

120 mg kapa tse ka
sodiamo
tlase
Letswai le ma- Letswai le phahareng
hameng
e ja ka dinako
qoba kapa o
tse ding
fokotse


120 mg - 600 mg
600 mg kapa ka
hodimo
Hopola ho sheba 100 g bakeng sa dijo e seng bakeng sa dijo tseo o di jang
2. Tadima Letshwao la Setshwantsho sa Pelo
Dijo tse nang le letshwao lena ke dikgetho tsa
dijo tse nang le phepo e ntle mme di na le
letswai le tlase ha di bapiswa le dihlahiswa tse
tshwanang le tsona.
3. Sebedisa dijo tse nang le letswai ka
tlase ho kgafetsa
Dijo tse foreshe di na le letswai le tlase ho e na le dijo tse phehilweng pele e le hore di se senyehe kapele.
Sodiamo ke karolo ya letswai e ka eketsang kgatello ya
madi a hao ha o e ja haholo.
5 g ya letswai e tshwana le 2000 mg tsa sodiamo.
Leka ho ja dijo tse foreshe tse ngata le dijo tse fokolang tse phehilweng pele e le hore di se senyehe kapele.
Sebedisa lethathamo le ka morao ho o thusa ho kgetha kgafetsa
haholo dijo tse nang le letswai le tlase