Ho hlomela ka ho loka

M O L A E T S A WA B O E TA P E L E B A P E L E , T L H A K U B E L E 2 0 1 7
Moetapele Henry B.Eyring
Moeletsi wa Pele Boetapeleng ba Pele
Ho hlomela
ka ho loka
M
oporofeta wa Modimo lefatsheng, Moetapele
Thomas S. Monson, o se a ile a bolela, “Mehleng
ena re tikanyeheditswe ke mefutahadi ya sebe,
manyala mmoho le bokgopo boo re sokang re bo bona
haesale.” 1
Na o ka makala ho tseba hore Moetapele Monson o
buile mantswe ana dilemong tse 50 tse fitileng? Ebang re
ne re tikanyeheditswe ke bokgopo bo senang tekano kgale kwa, ho hakakang ho phephetswa ha rona ke bokgopo
mehleng ena? Ka baka le lokileng, Morena o phatlaladitse sena mabapi le mehla ya rona “ Bona, sera se hlwele
mekwalaba” (DT&D 38:12).
Ntwa eo ho yona “rona bohle re e bileditsweng” 2 e ne e
qale pele re tswalwa lefatsheng. E qadile le pele lefatshe le
thehwa. E qadile dilemong tse diketekete tse fitileng, sebakeng moo ho neng ho sena ho shwa, moo teng diabolosi
a ileng a etsa tsa bojela-­thoko mme a “tsitlallela ho fedisa
tokelo ya batho ho ikgethela” (Moshe 4:3).
Diabolosi o ile a hlolwa ntweng eo mme “a lelekelwa
lefatsheng” (Tshenolo 12:9), moo a tswetsang ntwa ya
hae pele mehleng ena. Mona lefatsheng “o lwantshana le
bahalaledi ba Morena, mme o ba dikanyetsa (DT&D 76:29)
ka mashano, tahlehiso mmoho le meleko.
O lwana ntwa kgahlanong le baporofeta le baapostola. O
lwana ntwa kgahlanong le molao wa bohlweki ba tsa thobalano mmoho le bohalaledi ba lenyalo. O lwana ntwa kgahlanong le lelapa mmoho le tempele. O lwana ntwa kgahlanong
le se lokileng, se halalelang mmoho le bohalaledi
Na re ka lwana jwang le sera se tje? Re ka lwana jwang
kgahlano le bokgopo bo shebehalang bo aparela lefatshe
la rona? Dihlomo tsa rona ke eng? Ke bo mang bao eleng
batshihetsi ba rona?
Matla a Konyana
Moporofeta Joseph Smith o rutile hore diabolosi o ena
le matla hodima rona feela ho ya ka tekano eo re mo
nehang yona. 3
Tshenolong ya mehla ya rona, Nephi “a bona matla a
Konyana ya Modimo, e theohetseng bahalaledi ba kereke ya Konyana, mmoho le hodimo ha batho ba selekane
sa Modimo, bao ba neng ba phatlalletse ka bophara ba
lefatshe, mme ba neng ba hlometse ka holoka le matla a
Modimo kgalalelong e matla” (1 Nephi 14:14; hokelelleditswe toboketso).
Na re ka itlhomisa jwang ka ho loka le matla? Re boloka
letsatsi la Sabatha le halalela mme re hlompha boporista.
Re etsa le ho boloka dilekane tse halalelang, re tswetsa pele
mosebetsi wa nalane ya lelapa la rona, mmoho le ho ya
tempeleng. Re tswela pele ho tsitlallela ho sokoloha le ho
ipiletsa ho Modimo ho “re ama ka madi a Kreste a sokollang hore re tle re fumantshwe tshwarelo ya dibe tsa rona
(Mosiah 4:2). Re a rapela, re sebeletsa ba bang, le ho paka
mmoho le ho sebedisa tumelo ya rona ho Jesu Kreste.
Re boela re itlhomisa ka ho loka le matla ka ho “boloka
mantswe a bophelo jwalo ka letlolo dikellelong tsa [rona]”
(DT&D 84:25). Re boloka jwalo ka letlolo mantswe ana
ka ho tsepama mangolong a halalelang le mantsweng a
bakgethwa ba Modimo, bao ba abelanang ka thato ya Hae,
monahano wa Hae, mmoho le lentswe la Hae (bona DT&D
68:4) konferenseng ya kakaretso kgweding e latelang.
1
Twantshanong ya rona kgahalong le bokgopo, re lokela
ho hopola ka mehla hore re ena le thuso e tswang mahlakoreng ka bobedi a lesira le arolang bophelo lefatsheng le
mahodimo. Batshehetsi ba rona ba akaretsa Modimo Ntate
wa Bosafeleng, Morena Jesu Kreste, mmoho le Moya o
Halalelang.
Batshehetsi ba rona ba kenyelletsa mabotho a sa
bonweng a lehodimo. “Se tshabe,” Elisha o ile a bolella mohlankana ya neng a tletse tshabo ha bane ba shebane le lebotho la bakgopo, “hobane bao ba enang le rona ba bangata
hofeta bao ba enang le bona” (bona 2 Marena 6:15-­16).
Re hloka ho se be le tshabo. Modimo O rata Bahalaledi
ba Hae. A ke ke a re furalla.
Ke a tseba hore Modimo, karabong ya thapelo, o phethahaditse kopo tsa ka tsa ho se iswe molekong. Ke paka
hore ka thuso ya Modimo Ntate, Mopholosi wa lefatshe le
ka Moya o Halalelang, re ka eba le tiisetso ya hore re tla
nehwa matla a fetang tekano ho mamella bobe le ha ele
bofe boo re tobaneng le bona.
Eka re ka dula ka mehla re hlometse ka ho loka e tle e
le hore re be le tshepo tlholong qetellong.
bangata ba se dudisehe ditulong tsa bona. Ha ke hopole tsohle tseo ke ithutileng tsona letsatsing leo, empa
ke hopola moetapele wa ka a bua ka enngwe ya dintlha –­kemo tsa hae – e leng ho dula ka mehla a hlwekile
ho tsa thobalano. Mantswe a hae a ile a dula ho nna,
mme ka etsa qeto ya hore ke tla nkela sena honna ele
se seng sa dikemiso tsa ka le nna.
Ka le leng la matsatsi ke ne ke palame bese ke lebile
hae lapeng, ke hlaha moketeng wa dipapadi, e mong
wa batsamai mmoho beseng a qala papadi eo eneng
ele ka ho phephetsa babapadi mmoho le wena ka seo
eleng nnete kapa ho ba fa phepetso ho etse ntho eo
ba sokang ba e etsa bophelong. Ka baka la budutu, ba
bang ba bana mmoho le nna re ile ra nka karolo. Eitse
ha hoba lekgehlo laka le fihle, ke ile ka phephetswa
ho etsa ntho eo ke neng ke tseba hore ha e ya nepahala. Sena e ne e ka ba qeto e thata ho nna ho e etsa,
empa mantswe a moetaple wa ka wa Barwetsana a ile
a mphihlela kelellong, mme qeto ya eba e bonolo. Ke
ile ka phakisa ka hana. Ke ne ke se ke qetile le maikutlo
hore ke tla etsa eng seemong se sena.
Ke tseba hore ka ho ya ha rona kerekeng le ho
etsetsa dintho tseo re di rutwang moo sebaka , re tla
hlohonolofatswa ka matla a semoya a matla mmoho le
tshireletso melekong ya lefatshe.
DINGOLWENG
1. Thomas S. Monson, “Ho kopanela Ho Tlisa Ditlhohonolofatso,”
Makazine wa Mokgahlo wa Thekolokehlo, 1967, 247.
2. “Bohle Re Bileditswe” Difela, no. 250.
3. Bona Dithuto tsa Baetapele ba Kereke: Joseph Smith (2007), 214.
Mongodi o dula Utah, USA.
HA O RUTA HOTSWA MOLAETSENG ONA
BANA
Moetapele Eyring o re hopotsa hore re ntweng kgahlanong le bokgopo. Le ka qala ka ho bina “Bohle Re
Apara Dihlomo tsa Hao
Bileditswe” (Difela, no. 250) mmoho le bao o ba rutang.
H
o ena le dintho tse ngata tse mpe lefatsheng kajeno. Evangeni e tshwana le thebe e re sireletsang.
Bala dintho tse 10 tseo Moetapele Eyring a re bolellang
ho di etsa ho itshireletsa. Ebe o taka le ho neha thebe
ya hao mebala!
Ebe ke moo o ka ba memelang ho re ba abelane ka hore
na ba sireleditswe jwang ka baka la ho loka mme le
hlahise emong le emong ditsela tseo ho ka sireletswang
lelapa kgahlanong le Diabolosi, tse jwalo ka ho kgetha
mecha e lokileng, ho tshwara ha kopano ya lelapa,
1. Boloka letsatsi la Sabatha le halalela
2. Hlompha boporista
3. Etsa le ho boloka dilekane
4. Tswetsa pele mosebetsi wa nalane ya lelapa
5. E ya tempeleng
6. Baka
7. Rapela
8. Sebeletsa ba bang
9. Abelana ka bopaki ba hao
10. Bala mangolo a halalelang
kapa ho eba le nako ya boitjhoriso ba lelapa hang ka
beke lapeng. O ka ba nea phephetso ya hore ba tebise
menahano ya bona ka thapelo, hore na ba ka aha jwang
tshireletso ya lelapa mme ba kgothalletse ho etsa moralo wa ho kenya tshebetsong ditlhahiso tsa bona.
BATJHA
Ke Ne Ke Se Ke Kgethile
Ka Madison Thompson
N
kile ka fumana thuto e bohlokwahadi sehlopheng
sa Barwetsana eo e neng ele ka ha bohlweki ho
tsa thobalano – tabahadi eo ileng ya etsa batjha ba
© 2017 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. E hatisitswe USA
Tumello ya Sekgowa: 6/16. Tumello ya phetolelo: 6/16. Phetolelo ya
First Presidency Message, March 2017. Sotho. 97923 739
2
M O L A E T S A WA T H U T O YA K E T E L O , T L H A K U B E L E 2 0 1 7
Matla a re Kgontshang a Jesu Kreste
mmoho le Topollo ya Hae
Tumelo, Lelapa, Thekolohelo
Ka thapedi bala sengolwa sena mme o batle tshusumetso ya ho ka tseba hore o
ka abelana ka eng ho tswa ho sona. Ekaba ho utlwisisa morero wa Mokgahlo wa
Thekolohelo ho ka lokisetsa baradi ba Modimo jwang bakeng sa dihlohonolofatso tsa
bophelo bo safeleng?
N
“
ka etsa tsohle ka Kreste ya
mmatlafatsang” (Bafilipi 4:13).
“Leha bohle re ena le bofokodi, re
ka kgona ho bo hlola,” ho bua Moetapele Dieter F. Uchtdof, Moeletsi
wa Bobedi Boetapeleng ba Pele.
“Efela hole jwalo hore ka mohau wa
Modimo, ha re ikokobetsa mme re
eba le tumelo, ntho tse fokolang di
ka ebang matla” 1
Ka hara Dithuto tsa Tumelo le
Dilekane Mopholosi wa rona a re,
“Ke tla etella fahleho tsa lona pele.
Ke tla ba ka letsohong la hao le
letona le le letshehadi, mme Moya
wa ka o tla ba dipelong tsa lona,
mme mangeloi aka a tla le potapota, a le sikare” (DT&D 84:88).
“Nephi ke mohlala wa e mong
ya neng a tseba, a utlwisisa, mme
a itshetlehile matleng a Mopholosi
a kgontshang,” ho bolela Moholo
David A. Bednar wa Kopano ya
Baapostola ba Leshome le Metso e
Mmedi. “Baholwane ba Nephi ba
ile ba mo tlama ka dithapo mme ba
rera ho mo timetsa. Ka kopo elellwa
thapelo ya Nephi: ‘Oho Morena, ho
ya ka tumelo yaka e ho wena, na
o ka mpholosa diatleng tsa baholwane baka, ee, mme o mphe matla
a ho kgaola ditlamo tsena tse ke
bofuweng ka tsona’ (1 Nephi 7:17
ho kenyelleditswe toboketso ).
“ . . . Nephi ha a a ka rapella hore
maemo a hae a fetohe. Empa, o
rapelletse hore a fumantshwe matla
hore a kgone ho fetola maemo a
hae. Ke dumela hore o rapetse ka
tsela ena hobane a tseba, a utlwisisa, le hore o kile a ikutlwela matla a
kgontshang a tlang ka Topollo.
“Ha ke nahane hore ditlamo tseo
Nephi a neng a tlanngwe ka tsona
di ile tsa ikwela feela ka mohlolo
matsohong a hae. Empa, ke belaela
hore o ile a hlohonolofatswa ka
mamello mmoho le matla a fetang a
hae a tlhaho, le hore o ile ‘ka matla
a Modimo’ (Mosiah 9:17) a sebetsa
le ho tshikinya le ho hula dithapo,
mme qetellong a kgontshwa feela
jwalo ho kgaola ditlamo.” 2
Tlatsetso ya Mangolo a
Halalelang le Tlhahiso leseding
Esaiah 41:10; Ether 12:27;
reliefsociety.​lds.​org
DINGOLWENG
1. Dieter F. Uchdorf, “Mpho ya Mohau,”
Liahona, Motsheanong 2015, 108.
2. David A. Bednar, “Matla a fetang a Rona,”
New Era, Tlhakubele. 2015, 4.
Nahana ka Sena
Na matla a kgontshang a Jesu
Kreste mmoho le sehlabelo sa
topollo ya Hae di ka re thusa
jwang ho etseng bofokodi ba
rona ho ba matla?
© 2017 by Intellectual Reserve, Inc. All rights reserved. e hatisitswe USA Tumello ya Sekgowa: 6/16. Tumello ya phetolelo: 6/16. Phetolelo ya Visiting Teaching
Message, March 2017. Sotho. 97923 739