leggi tutto - Fidal Puglia

HLAHLOBO YA SELEMO LE SELEMO YA NAHA 2014
TATAISO YA HLAHLOBO
MMETSE - SESOTHO
KEREITI YA 3
SELELEKELA
Thuto ya Selemo le Selemo ya Naha ya 2014 e tla tsamaiswa dikolong tsohle tsa Naha tse ikemetseng ho tloha ka la Lwetse 2014. Ka nako ena
baithuti bohle ba kereiti ya 1-3 ba tla ngola hlahlobo ya naha ya Puo le Mmetse. Sephetho sa hlahlobo se tla sebediswa ho bontsha kgatelopele
e mabapi le boiphihlelo ba dipehelo tsa Moralo wa Diketsahalo tsa 2014 ho isa ho 2025.
Ka ha baithuti ba tla ngola hlahlobo ya Selemo le Selemo ya Naha kotareng ya boraro, Lefapha la Thuto ya Motheo le nehelana ka ditokomane
tsa tataiso ya hlahlobo ya Kereiti e nngwe le e nngwe thutong tsa Puo le Mmetse le bonyane ba lenane la thuto leo ba lebelletsweng ho le etsa
selemong pele ho ngolwa hlahlobo.Tataiso ya hlahlobo e akaretsa mosebetsi o lekantsweng ho ya ka dikereiti le dithuto.Tataiso ya hlahlobo ya
Selemo le Selemo ya Naha ya 2014 e hlophisitswe mabapi le phetolelo ya lenanethuto la kharikhulamo e sebediswang mokgahlelong.
MOKGAHLELO WA MOTHEO
Ho Kereiti 1-3 dihlahlobo di tla akaretsa mosebetsi o balletsweng dikotara tse tharo tse qalang tsa selemo. Ho dikereiti tsena tataiso ya
dihlahlobo e hlophisitswe ka dikholomo tse tharo le mela. Dikahare tse tla ho hlahlojwa di hlalositswe kholomong ya pele, dihlooho kholomong
ya bobedi, bokgoni bo tla hlahlojwa bo hlalositswe kholomong ya boraro.
Ho bohlokwa ho hlokomela hore hlahlobo ya Selemo le Selemo ya Naha ya 2014 ha e bolele hore mosebetsi o lekanyeditswe ho rutwa le ho
ruta feela nakong ya selemo. Kahoo, tataiso ya hlahlobo e fana ka bonyane ba motheo wa kharikhulamo eo e lokelang hore e be e entswe
mafelong a kotara ya boraro.
Ho lebelletswe hore barutabana ba sebedise tataiso ena ya hlahlobo mmoho le disebediswa tsa lenane la hlahlobo.
Dikolo tse ikemetseng “ tse kgethilweng” ke tse tla etsang kopo mme di ngodise ekaba kereiti ya 3 kapa kereiti ya 6 ya bana bat la nka karolo ho Hlahlobo ya Naha ya
Seleme le Selemo
Grade 3 Mathematics -Sesotho
1
DIKAHARE TSA TEKANYETSO
BOKGONI/BOIPHIHLELO BO LEKOLWANG LE DINTLHA:
DIHLOOHO
Ho lekola hore baithuti ba kgona ho …
Bala ka bo 3 ho tloha ho katiso e nngwe le e nngwe mahareng a 0
le 700.
Bala ka bo 4 ho tloha ho katiso e nngwe le e nngwe mahareng a 0
le 700.
Bala ka bo 20, 25, 50 le100 ho tloha nomorong e nngwe le e nngwe
mahareng a 0-700
Ngola mabitso a dinimoro (0-500) le disimbolo (0-1 000)
Ho bala: Pele le morao
Disimbolo tsa dinomoro le mabitso a
dinomoro
Hlalosa,bapisa le ho hlopha
dinomoro
DINOMORO,
MATSHWAO LE
DIKAMANO
Bapisa dinomoro tse tletseng/felletseng ho fihlela ho 700 o
sebedisa e nyane ho, e kgolo ho, e ngata ho feta, e nyane ho le e
lekanang le
Hlophisa dinomoro tse felletseng ho fihlela ho 700 ho tloha ho e
nyane ho ho ya ho e kgolo, le ho tloha ho e kgolo ho ya ho e nyane
Tseba hore palo e nngwe le e nngwe e emelang
arola dinomoro tsa didijiti tse tharo ho fihlela ho 700 ka katiso ya
makgolo, mashome le metso/ bonngwe.
Hlwaya le ho bolela boleng ba palo e nngwe le e nngwe
Ho bopa le ho qhaqholla
Ho menahanya le ho hafola
Molapalo
Ho atametsa ho leshome.
Rarolla mathata a dipalo tsa mantswe le ho hlalosa sephetho sa hao
maemong o kenyelletsa kopanya le tlosa ka dikarabo ho fihlela ho
800
Bala o sebedisa kopanya e iphetang ka dikarabo ho fihlela ho 75
(dipalo tsa mantswe)
Sekgeo /Tulo ya boleng
Dithekniki tsa ho rarolla mathata
Ho kopanya, le ho tlosa
Kopanya e phetwang e lebisang ho
atisa
Kgobokanyo le kabo
Grade 3 Mathematics - Sesotho
Rarolla dipalo tsa mantswe tse kenyelletsang ho aba ka ho lekana
le ho hlopha dinomoro tse felletseng ho fihlela ho 75 tse
2
DIKAHARE TSA TEKANYETSO
BOKGONI/BOIPHIHLELO BO LEKOLWANG LE DINTLHA:
DIHLOOHO
Ho lekola hore baithuti ba kgona ho …
kenyelletsang dikarabo tse siyang
Rarolla mathata maemong le ho hlalosa diphetho tsa hao ho
mathata a kenyelletsang ho arola ka ho lekana ho lebisang ho
diphetho tse kenyelletsang dipalophatlo tse nang le motso
Elellwa le ho hlwaya ditjhelete tsa Afrika - Borwa tsa tshepe le tsa
pampiri.
Rarolla mathata a dipalo tsa tjhelete tse kenyelletsang tjhelete
kaofela ka diranta le disente.
fetolela mahareng a ranta le disente.
Kopanya ho fihlela ho 800
Tlosa ho tloha ho 800
Sebedisa matshwao a lokelang ( +, -, ,= )
Atisa 2,3,4,5,10 ho fihlela ho 100
Sebedisa matshwao a loketseng (× , ,= )
Dipalophatlo
Tjhelete
Ho kopanya le ho tlosa
Kopanya e phetwang e lebisang ho
atisa
Ho arola
Dipaterone tsa jeometri
DIPATERONE,
DIFANKSHENE LE
ALJEBRA
SEBAKA LE
SEBOPEHO
Dipaterone tsa dipalo
Boemo, tlwaetso le dipono
Dintho tsa mahlakore a mararo (3-D)
Dintho tsa mahlakore a mabedi (2-D)
Grade 3 Mathematics - Sesotho
3
Arola dipalo ho fihlela ho 99 ka bo 2, 3, 4,5 le 10
Sebedisa matshwao a lokelang (÷, =, □)
Kopts le ho atolosa dipaterone tse bonolo tse entsweng ka ho taka
mela/dibopeho kapa dintho.
Kopitsa, atolosa le ho hlalosa tatellano e bonolo ho fihlela bonyane
ho 750.
Ho hlahlamanya a balla pele le morao ka bo 20,25,50,100 ho fihlela
ho 1000.
Bala, hlalosa le ho taka dimmapa tseo e seng tsa semmuso, kapa
maikutlo a sehlooho a pokelletso ya dintho.
fumana dintho mmapeng.
Bolela le ho ngola mabitso a dintho tsa mahlakore a mararo (3-D).
Hlophisa le ho bapisa dintho tsa mahlakore a mararo(3-D).
Bolela le ho ngola dibopeho tsa (2-D) ho ya ka dibopeho, mahlakore
a otlolohileng, mahlakore a tjhitja.
DIKAHARE TSA TEKANYETSO
DIHLOOHO
MOMETHO
Molahare
Nako
BOKGONI/BOIPHIHLELO BO LEKOLWANG LE DINTLHA:
Ho lekola hore baithuti ba kgona ho …
Bontsha mola wa molahare sebopehong
Bontsha nako watjheng ya manaka.
Sebedisa watjhe ho sebetsa bolelele ba nako le ho feta ha nako.
Bala matsatsi khalendareng.
Sebedisa khalendara ho sebetsa le ho hlalosa bolelele ba nako ka
matsatsi, dibeke kapa dikgwedi.
Ho fetola mahareng a matsatsi le dibeke,/dibeke le dikgwedi
Metha, hlopha le ho rekota bolelele ka disentimitara/dimilimitara.
Bolelele
Boima
hlwaya le ho rekota boima ba dintho tse hlophisitsweng bakeng sa
kgwebo , tseo, boima ba tsona bo boletsweng.
sebedisa puo ho rekota phapang pakeng tsa boima ba dintho.
Bapisa,hlopha le ho rekota mothamo wa dintho tse hlophisitsweng
bakeng sa kgwebo tseo mothamo wa tsona o boletsweng ka
dikilogramo.Sebedisa puo ho rekota phapang dipakeng tsa
methamo ya dintho
Mothamo
HO SEBETSA KA
DATHA
Grade 3 Mathematics - Sesotho
Ho manolla le ho fumana moelelo wa
datha
4
Hlopha datha tse filweng ka lenane kappa tafole/kerafo ya boloko
Ho hlahisa datha ka bara/diboloko
Araba dipotso ka datha e hlahisitsweng ho kerafo ya bara.